MDGs in Sotho
Ditebello tsa Tswelopele ya Ngwaha-ketekgolo
(Millennium Development Goals)
Afrikaans | Ndebele | Sepedi | Sotho | Swati | Tsonga | Tswana | Venda | Xhosa | Zulu
Phatlalatso ya Ditjhaba tse Kopaneng ya Ngwaha-ketekgolo, e saenetsweng ka Lwetse 2000, e tlama mmuso ho:
- Fedisa bofutsana le tlala e iphileng matla
- Fokotsa ka halofo palo ya batho ba phelang ka tjhelete e ka tlase ho dolara ya Dinaha tse Kopaneng (U.S.) ka letsatsi.
- Fokotsa ka halofo palo ya batho ba phelang ka tlala.
- Eketsa bongata ba dijo bakeng sa bao ba phelang ka tlala.
- Fumana thuto e akaretsang ya poraemari
- Etsa bonnete ba hore bashemane le banana ba qetela dithuto tsa bona tsa poraemari ka botlalo.
- Keketso ya boingodiso e lokela ho tlatseletswa ka mekutu ya ho etsa bonnete bana ba ba sekolong mme ba fumana thuto ya boemo bo phahameng.
- Ho ntshetsa pele tekatekano ya bong le ho ntshetsa basadi pele
- Fedisa ho se lekane thutong ya poraemari le ya sekondari bonyane selemong sa 2005, le mehatong yohle ka selemo sa 2015.
- Ho fokotsa ho hlokahala ha bana
- Ho fokotsa ho hlokahala ha bana ka pedi borarong ho bana ba dilemo tse ka tlase ho tse hlano.
- Ho ntlafatsa maemo a bophelo a boimana
- Fokotsa palohare ya mafu a boimana ka kotara tse tharo.
- Fedisa HIV/AIDS, malaria, le malwetse a mang
- Ho emisa le ho qala ho fedisa ho ata ha HIV/AIDS.
- Ho emisa le ho qala ho fedisa ho tswela pele ha malaria le mahloko a mang a maholo.
- Etsa bonnete ba hore ho ba le tswelopele ya tikoloho
- Ho kopanya maano a sa feleng a ntshetsopele ka hara metheo le mananeo; ho fedisa tahlehelo ya mehlodi ya tikoloho.
- Ho fokotsa ka halofo palo ya batho sa fumaneng metsi a bolokehileng a nowang ka nako tsohle (bakeng sa dintlha tse feletseng tadima dintlha tsa phepelo ya metsi).
- Fihlella ntlfatso tsa bohlokwa bophelong ba bonyane baahi ba 100 ba mekhukhu ka selemo sa 2020.
- Ho theha selekane sa lefatshe lohle bakeng sa tswelopele
- Ho theha tshebeletso e bulehileng ya kgwebo le ya ditjhelete e theilweng melaong, e ka letjwang ebile e se nang leeme. E kenyeletsa puso e lokileng, tswelopele le phokotso ya bofutsana — ka hara naha le matjhabeng.
- Ho sebetsana le ditlhoko tse ikgethileng tsa dinaha tse fokolang tswelopeleng. Hona ho kenyeletsa tekanyetso – le phihlello e se nang dipehelo bakeng sa thomello ntle; phokoletso ya melato ho dinaha tse tse futsanehileng tse nang le melato e mengata; ho hlakolwa ha melato ya molao ya ditumellano tsa bobedi; le tshehetso ya molao ya dinaha tse ikakgetseng ka setotswana ho fokotsa bofutsana.
- Ho sebetsana le ditlhoko tse ikgethileng tsa Dinaha tse se nang lefatshe le sehlekehleke se senyenyane.
- Ho rarolla ka botlalo mathata a dikoloto a dinaha tse ntseng di tswela pele ho latela mekgwa ya naha le ya matjhaba e le ho etsa hore molato o dule o totobetse ka nako e telele.
- Ho theha mosebetsi o hlomphehileng o behang ditholwana bakeng sa batjha ka tshebedisano le dinaha tse ntseng di tswela pele.
- Ho fana ka monyetla wa ho fumana dithethefatsi tsa bohlokwa dinaheng tse ntseng di tswela pele ka tshebedisano le dikhamphani tsa thekiso ya meriana.




